Le Talisman brisé en français-sesotho

- Transcription
“Mamela moea ona, ke Sahara, ea bokolla. E lebeletse monna ea mosa, ea lokileng, ’me ea tla e apesa botala hape.”
Kwamé ke mosebeletsi oa serapeng. Ha a e-s’o lebale tšomo ena eo rakhali’ae a neng a mo phetela eona ha e sa le ngoana hohang. Ke kahona a tlileng meeling ea lehoatata, naheng ea Burkina Faso, ho tla sebetsa serapeng sa liphuputso sa Porofesa Omar.
Empa ka letsatsi le leng Porofesa Omar o koeteloa mahlong a hae, ’me qoaketsanong eno leratsoana la hae la meleko, la bohlokoa, lea khaoha.
Joale ho qalella leeto le kotsi bakeng sa Kwamé, mosebetsi enoa oa serapeng, ea sa tsebeng Sefora: o belaelloa ke mapolesa, o etsetsoa litšoso ke batho ba sa tsejoeng, ’me o fihlela qeto ea ho iphumanela porofesa ka bo-eena.
Ka ho kokotletsa Sefora, a se ntlafatsa ka buka ea mantsoe le ho kopana le batho ha likhaolo li ntse li thatoloha, Kwamé o sala menyetsi morao, o hloa mekoalaba ea Sahara (ea mehleng ea lisebelisoa tsa lejoe), o tšela Niger, a nto kena mohlaleng oa bakoeteli.
Acte 1 : Ho Koeteloa hoa Porofesa Omar
Kwamé ke mosebetsi oa serapeng Gorom-Gorom, naheng ea Burkina Faso. Mong’a hae, e leng Porofesa Omar, o koeteloa mahlong a hae. Qoaketsanong ena leratsoana la meleko la Porofesa lea khaoha.
Kwamé o tsoa letšolo ho fumana Omar, ea neng a sebetsana le ho tsosolosa botala ba lehoatata. Ekaba o koetsetsoe ke mang? Na ebe ho koeteloa hoo le ratsoana lee la mehlolo li amana le tšomo ea rakhali’a Kwamé?
“Mamela moea ona. Ke Sahara ha e bokolla. E tsetsela ho apara botala hape. Ka le leng ho tla fihla monna. O tla tsosolosa joang le lifate…”
Épisode 1 : Vous n'êtes pas le professeur Aboubakari ?
Exercices 1- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 2 : Je vais à Tondiédo !
Exercices 2- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 3 : Qu'est-ce que c'est ?
Exercices 3- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 4 : Vous avez une chambre, s'il vous plaît ?
Exercices 4- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 5 : La prophétie de la tante
Exercices 5- Le Talisman brisé : à vous !
Acte 2 : Lira Kapa Metsoalle?
Mapolesa a nahana hore Kwamé o nkha lefotha ho koeteloeng ha mong’a hae, ’me a mo tšoaroa. O fumanoa a se molato nakong eo bakoeteli ba batlang chelete e lefellang tokoloho ea Porofesa Omar.
Kwamé o tloaelana le Nathalie, hoba moroetsana enoa le eena o tseba tšomo…
Lipatlisiso tsa Kwamé li mo lahlela Junivesithing ea Niamey, naheng ea Niger.
Épisode 6 : Elle est policière
Exercices 6- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 7 : C'est toi, l'enlèvement !
Exercices 7- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 8 : La Sahara pleure, il veut reverdir
Exercices 8- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 9 : Professeur Kouada est ton professeur !
Exercices 9- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 10 : Je viens avec toi !
Exercices 10- Le Talisman brisé : à vous !
Acte 3 : Mehlala e Mecha
Leetong la hae le Clément ka bese, eo a e nyahlatsang, a nto kena seketsoaneng, Kwamé o qalella ho utloisisa sepheo sa mosebetsi oa mong’a hae, eo e leng setsibi sa maro a tlholeho.
Makhetlo a mabeli ba leka ho mo khelosa lipatlisisong tsa hae: ba mo noesa Chapalo e tšetsoeng chefo motseng oa Boubon; ba boela ba mo sitisa ho kopana le Porofesa Kouada, Niamey.
Ka thuso ea Nathalie, o atleha ho fumana matšoao a mang a k’houtu e bulang faele ea lekunutu, e bitsoang “Sahel Vert”.
Épisode 11 : Tu dois aller à l'est
Exercices 11- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 12 : Un verre de chapalo, mon ami ?
Exercices 12- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 13 : Il faut garder le secret
Exercices 13- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 14 : Le professeur Kouada est grand et mince
Exercices 14- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 15 : Il était petit et gros
Exercices 15- Le Talisman brisé : à vous !
Acte 4 : Mehlaleng ea Bakoeteli
Ho balehuoa nako, sepheo le morero ke ho pholosa Porofesa: bakoeteli ba tšepisa ho ’molaea ha ba sa fumane tefo ea bona.
Kwamé le Natalie ba tsoa letšolo ho fofonela mehlala e lebisang ho liporofesa tsa bohata: Aboubakari le Kouada. Na ba khema le le-Fendjougou, e leng senokoane sa monna, se tummeng ka likhoebo tse kathoko ho molao?
Épisode 16 : Ils vont tuer le professeur !
Exercices 16- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 17 : Le quatrième e-mail du professeur Aboubakari
Exercices 17- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 18 : Ensuite, ils ont pris des fusils
Exercices 18- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 19 : Nathalie dit que tu vas à mare de Darkoy
Exercices 19- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 20 : Qu'est-ce que tu veux, Kwamé ?
Exercices 20- Le Talisman brisé : à vous !
Acte 5 : Nako Ha e Eo
Na Kwamé o tla atleha ho phema tšebeliso ea likhoka letšolong la pholoso la mapolesa, ’me a pholose “monna ea mosa, ea lokileng”?
Ke bosiu, ’me khaolo ea ho qetela e etsahala sebakeng se fihlehang ka thata!
Banna ba le-Fendjougou ba hlometse, mapolesa le ’ona joalo feela, ’me tefo ea bakoeteli e se e hlophuoe: likete tse 100 000.00 tsa li-Euro tse ka ’nang tsa baka meharo e meng…
Épisode 21 : On reste derrière toi !
Exercices 21- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 22 : Après 10h30, c'est trop tard !
Exercices 22- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 23 : Quel beau travail !
Exercices 23- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 24 : Bientôt, le Sahara va reverdir
Exercices 24- Le Talisman brisé : à vous !
Épisode 25 : Il faut croire au conte
Exercices 25- Le Talisman brisé : à vous !
Publié le 02/06/2016 - Modifié le 25/06/2019